APF

CAWP Sesotho pamphlet

Friday 14 December 2007

METSI KE BOPHELO - SE WA REKISENG

Ho rekiswa le ho kenywa ha diprepaid metara tsa metsi ho bakile mahlomola le mathata maphelong a batho. Kopano, e kenyeletsa mekgahlo yohle e kgahlanong le ho rekiswa ha metsi (Coalition) ka bokgutshwanyane e lwantshana le boshodu ba ditokelo tsa batho ho fumaneng metsi morao tjena.

COALITION e kopanya mekgahlo le baahi ka tlasa maima a ho rekiswa ha metsi le ho kenywa ha diprepaid metara tsa metsi. Mekgahlo ena le baahi, ba kopana-mmoho ho lantshwana le ho kenywa ha diprepaid metara tsa metsi ho ntshetsa-pele tshotleho ya maphelo a batho.

COALITION e wela le ho tshehetswa ke APF (Anti Privatisation Forum) le maloko a yona, ho lwantsha ho kenywa ha diprepaid metara tsa metsi le bobe boo e bo hlahisetsang baahi ba Orange-Farm, Phiri, Soweto le Petoria (moo ntwa ena e ntseng e tota kamehla.) PRE-PAID PHAELLO DIPREPAID METARA tsena di kentswe ka kgang baahing le thetso ya tshepiso kgoromente ya ho fana ka dilitara tse 6000 tsa metsi a mahala kgwedi kanngwe. Leha ho le jwalo COALITION e bone kamoo baahi ba Orange-farm, Phiri, Soweto le Petoria ba sotlehang kateng: hore dilitara tse 6000 ha di a lekana ho ka phethahatsa ditlhoko tsa bona le ho finyella tokelo tsa bona metsing.

Ha ona le prepaid metara ya metsi, mme o sena chelete o k eke wa ba le METSI - LE HA NTLO E KA CHA O TLA BE O NTSE O HLOKA METSI!!!

Prepaid metara tsena le moo di kentsweng teng ha di sebetse hantle hoo ho thatafaletsang batho ho ka tseba hore ba lefa bokae metsing. Khanselara le dikhampani tsa metsi ba thetas batho ka hore motho o na le kgetho. Ba leshano!!! - ha o sa batle prepaid metara, metsi a hao - a - kwalwa - ho - tu. Johannesburg Water e sebeletsa PHAELLO e seng BATHO!! Goromente e meme khampani e bitswang Suez ho tswa Fora ho tsamaisa Johannesburg Water ho netefatsa hore phaello e ya fumaneha. Lebaka-baka la diprepaid metara tsena ke ho etsa bonnete ba hore phophi kanngwe ya metsi e ya lefellwa

Ntle le peresente tse 95% tsa baahi ba Phiri ba hlokang mesebetsi - ha ho le jwalo chelete ya ho reka metsi e tls tswa kae o sa sebetse na?

Johannesburg Water e tseba kamoo batho hlokang mesebetsi kateng le ho ba thetsa - ba fana ka mesebetsi ya nakwana le mekgolo e menyenyane, e re ha ba qeta ho kenya dipeipi tsa metsi le ho kenya diprepaid metara tsa metsi , e be mosebetsi o se o fedile motho o tla lokela ke ho reka metsi.

NTWA E NTSE E TO TA KA PHIRI KA MONA

Baahi ba Phiri, Soweto ba ntse ba tswela-pele ho lwantshana le ho kenywa ha diprepaid metara tsa metsi nakwana jwale. Goromente e itlatlarietsa ka hore e fana ka dilatara tse 6000 tsa metsi a mahala kgwedi le ntlo kanngwe ho ya ka tshepiso ya bona. Baahi ba Phiri - ba entse mokgahlo o bitswang Phiri Concerned Residents Committee - ba lwantshitseng ho kenywa ha diprepaid metara tsena tsa metsi hoo ba ileng ba K-W-A-L-L-W-A M-E-T-S-I.

Pele, ho ne ho na le kgetho ya prepaid metara kapa (pompo e hekeng) standpipe - jwale ke prepaid metara kapa - LETHO. Johannesburg Water ha e battle ho fetola dikgwere-kgwere jwaleka ha e entse ditoropong - sesosa sa ho Kenya diprepaid metara tsa metsi ke ho netefatsa hore “DITSHENYEHELO DI YA LEFELLWA” le phaello ntle ho tshetiso efe kapa efe ho ka etsahala.

‘Se tshwantshe metsi le mohala wa thekeng’

Johannesburg Water e tshosa maqheku le batho ba kgolang modende, kapa ba kgolang ka baka la bohole - e thetsa batho ka ho ba tshosetsa kamoo mekgolo ya bona e tla kwalwa ha feela ba dumele ho kenyetswa prepaid metara tsena tsa metsi. Bonneting ke hore o tla kgaolelwa metsi! ha o hana prepaid metara.

Baahi ba Phiri ba hlokofaditswe ke Joburg Water hammoho le basebeletsi ba Goromente - Mapolesale ma-sekhuriti ba otla le ho tshwara batho ba lwanelang tokelo ya bona ya metsi.

Pre-paid metara tsena di beha maphelo a batho kotsing le ya botho ba bona. Batho ba kulang haholo ba nang le tshwaetso ya HIV/AIDS, maqheku, bana ba kulang ba hloka metsi ho feta mang le mang - empa ho phela ka prepaid metara ya metsi ho bolela hore ho hula ntlwana feela ke bokgabane athe ke tokelo. Metara tsena di sotla le hona ho hlokofatsa botho ba beng ka rona ba hlokang maphelo a matle.

Goromente e boetse e itlatlarietsa ka tikoloho e ntle - empa ke efe tikoloho e ka bonwa ke batho ba Phiri ba hlolehang ho ka nosetsa meroho eo ba itjallang yona malapeng. Metsi ke bophelo kgolong le ntshetso-peleng ya maphelo a matle a batho. Hana jwale diministara di jala difate naheng!!!

PRE-PAID = LEFU

Ntwa ya metsi Phiri ke mohlala wa ntwa tsa metsi lefatshe ka bophara. Ho qophellwa ho kenywa ha diprepaid metara tsena tsa metsi ke letsema la hlokofatso le boshodu ba metsi makeisheneng - ha o sa kgone ho reka metsi, o k eke wa phela - Goromente e tlatlapa le ho utswa tokelo ya hao ya metsi.

matlo e sa tlitlo tswela-pele ho cha, ntle le hore metara ya hao e na le metsi a lekaneng. Re lokela ho lwantshana le diprepaid metara tsa metsi ha feela re batla hore se .


Home page | Contact | Site Map | | Statistics | visits: 461627

Follow-up of the site's activity en  Follow-up of the site's activity Solidarity   ?

Site created with SPIP 2.0.9 + AHUNTSIC

Creative Commons License

ciprofloxacin available generic bupropion sr 150 usa suhagra s info about aldactone 25 mg ciprofloxacin 750 mg b d mirtazapine prilosec otc prices in france http://www.projectsforpreschoolers.com/latisse-bimatoprost/ 1 gram azithromycin vardenafil price non prescription premarin in united states on line fluorouracil buy a-ret femara prescription mexico enalapril meleate information about caverta usa doxycycline 100 mg capsules more info prilosec price info about buy kamagra in usa bupropion 300mg xl watson azithromycin 500mg over the counter tretinoin zyban usa discount amitriptyline esomeprazole best price in usa generic norvasc in mayami buy sildenafil citrate powder ciprofloxacin 750 mg norvasc 10mg in france http://moblico.com/buy-enalapril-maleate-online/ more info about best buy for simvastatin buy generic norvasc clomiphene 100mg diflucan 200mg more info about simvastatin price accutane without a prescription doxycycline 10mg ciprofloxacin eye information about diflucan pfizer http://www.projectsforpreschoolers.com/drug-prilosec-otc/ omeprazole 20 imatinib mesylate 400mg each capsule amitriptyline 15 mg simvastatin online without prescription super kamagra india in california zithromax price lipitor canada lasuna online dilantin 100mg zocor without prescription about ranbaxy simvastatin 20 mg info about prednisolone herpes kamagra oral jelly sildenafil citrate information about generic premarin bupropion 150mg sr order amitriptyline no prescription in california http://moblico.com/buy-finasteride-online/ modalert 1000mg sun pharma lipitor in romania cabergoline naltrexone no prescription needed information about buy lumigan uk more info about order lithosun sr online